Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 18:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

2 A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 18:2
23 Iomraidhean Croise  

Yaba Abrame o wa ka sefahleho, mme Modimo wa nna wa bua le yena, wa re:


Yaba banna bao ba ema, ba tloha teng, ba leba nqa Sodoma; mme Abrahama a tsamaya le bona, a ba felehetsa.


Yaba banna ba tloha, ba leba Sodoma; empa Abrahama a sala pela Jehova.


a re: Morena ka, ha ekaba ke bone mohau mahlong a hao, oho, o se ke wa fapoha mohlanka wa hao.


Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,


Yaba Abrahama o inama pela baahi ba naha.


Yaba Abrahama o a ema, a inama ho baahi ba naha, bara ba Hethe;


Isaaka o ne a tswetse naheng ho ya imamela haele mantsiboya, mme a emisa mahlo a hae, a tshoha a bona dikamele di etla.


Yaba Jakobo o sala a nnotshi, mme motho a betana le yena ho isa mafube ha a hlaha.


Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.


Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.


Ba re: Mohlanka wa hao, ntata rona, o dutse hantle, o sa ntse a pholohile. Ba inama, ba kgumama.


Juda le banababo ba tla tlung ya Josefa, hobane o ne a sa ntse a le teng, mme ba itihela fatshe pela hae.


Yaba Josefa o ba tlosa mangoleng a ntatae, a inamela fatshe ka sefahleho.


Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.


Sielang bahalaledi ha ba hloka; le be mafolofolo ho amohela baeti.


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?


Le amohelane boeting le sa kganane.


Lengeloi la Jehova la hlahela mosadi eo, la re ho yena: Bona, o nyopa, mme ha o tswale bana; empa o tla emara, o tswale moshanyana.


Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan