Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 17:1
45 Iomraidhean Croise  

Jehova a re ho Abrame: Tloha lefatsheng la heno, le ho mofuta wa hao, le tlung ya ntatao, o ye lefatsheng leo ke tlang ho o bontsha lona.


Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Mohla Agare a tswallang Abrame Ishmaele, dilemo tsa Abrame di ne di le mashome a robileng meno e mmedi a metso e tsheletseng.


Jehova a iponahatsa ho Abrahama dieikeng tsa Mamre, a dutse monyako wa tente, motshehare, ha ho futhumetse.


Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.


Yaba o re ho nna: Jehova eo ke tsamayang pontsheng ya hae, o tla roma lengeloi la hae ho wena, a atlise leeto la hao, mme o tla nkela mora wa ka mosadi mofuteng wa ka le tlung ya ntate.


Yaba Jehova o iponahatsa ho yena, a re: O se ke wa theohela Egepeta, o mpe o sale naheng eo ke tla o bolella yona.


Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.


Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.


Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!


Yaba o re: Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao; o se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke tla o etsa setjhaba se seholo teng.


Yaba o hlohonolofatsa Josefa, a re: Modimo oo bontate Abrahama le Isaaka ba tsamaileng pontsheng ya wona, Modimo o ntisitseng esale ke hlaha ho fihlela kajeno lena,


Yaba Jakobo o re ho Josefa: Modimo o matla wohle o kile wa iponahatsa ho nna Luse, naheng ya Kanana, wa ntlhohonolofatsa,


Henoke ha a tswetse Methusela, a tsamaya le Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo; mme a tswala bara le baradi.


Henoke a tsamaya le Modimo; mme a ba siyo, hobane Modimo wa na wa mo nka.


Ditaba tsa Nowe ke tsena: Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya kgabane mehleng ya hae; mme Nowe o ne a tsamaya le Modimo.


Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.


Salomone a re: O entse ntate Davida, mohlanka wa hao, ka lereko le leholo kamoo a nnileng a tsamaya pela hao kateng, ka nnete, le ka ho loka, le ka bokgabane ba pelo; o mmoloketse tshitso e kgolo ka ho mo nea mora, hore a dule teroneng ya hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Jwale, ke re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, kamoo o itseng ho yena kateng: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pontsheng ho nna jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.


Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.


Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?


Athe Modimo wa rona o mahodimong; o etsa tsohle tseo o di ratang.


Ke tla nne ke tsamaye pela sefahleho sa Jehova, lefatsheng la ba phelang.


Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.


Ya tsamayang ka ho loka o tsamaya ka kgotso; empa ya kgopamisang metsamao ya hae o a tsebahala.


a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo.


Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.


Jehova a re ho Moshe: A letsoho la Jehova le honyeditswe na? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka ho wena le tla etsahala, kapa tjhe.


la ya tsebang bohlale ba Ya leng hodimodimo, la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele.


Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho.


Mme jwale, phethehang, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Pauluse a hlaba ba lekgotla ka mahlo, a re: Banna ba heso, ke tsamaile ka letswalo le letle kahohle pela Modimo, ho fihlela tsatsi lena.


Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.


Ho yena ya ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rona, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tseo re ka di qelang le tseo re ka di hopolang,


Hobane, Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo wa medimo, le Morena wa marena, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o sa tadimeng tshobotsi ya motho, o sa amoheleng dimpho,


O be wa Jehova, Modimo wa hao, ka botho ba hao bohle.


o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae, mme o mo kgomarele; hobane ke yena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao, o tle o ahe lefatsheng leo Jehova a anetseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla ba nea lona.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.


Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan