Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hape, lengeloi la Jehova la re ho yena: Bona, o emotse, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Ishmaele, hobane Jehova o mametse ho hloriswa ha hao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

11 Hape lengeloi la Morena la re ho yena: “Bona, o moimana, mme o tla tswala mora. O tla mo rea lebitso la Ishemaele, hobane Morena o utlwile matshwenyeho a hao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 16:11
16 Iomraidhean Croise  

Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.


Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.


Yaba ba dula ho ja bohobe. Yare ha ba emisa mahlo a bona, ba bona sehlopha sa Baishmaele se etswa Gileade, dikamele tsa bona di belesitse dinoko, le balsame, le mirra, ba tsamaya, ba di isa Egepeta.


Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo tsa lona, ha madinyane a lona a hoeletsa ho Modimo, mme a kekella mane le mane ke ho lapa?


Hobane ha a ka a nyedisa, ha a ka a kgesa bohlomohi ba ya hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a nna a mamela mehoo eo a neng a e phahamisetsa ho yena.


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


Mme jwale, ke mona mohoo wa bana ba Iseraele o fihlile ho nna, ke bile ke bone le ho tuba hoo Baegepeta ba ba tubang ka hona.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.


Bona, o tla emola, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.


Sakaria, hobane a kope lematjana la ho ngola, a ngola, a re: Lebitso la hae ke Johanne. Mme ba makala kaofela.


Ha isaisa, Anna a emola, mme a tswala moshemane, a mo rea lebitso la Samuele (Modimo o utlwile), ka ho re: Ke mo kopile ho Jehova.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan