Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 16:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Lengeloi la Jehova la ba la re ho yena: Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, bongata ba tsona bo be bo sitehe ho balwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 Lengeloi la Morena la boela la re ho yena: “Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, hoo di ke keng tsa balwa ka baka la bongata.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 16:10
25 Iomraidhean Croise  

Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.


Lengeloi la Jehova la re ho yena: Kgutlela ho mofumahadi wa hao, o ikokobetse tlasa letsoho la hae.


Haele bakeng sa Ishmaele, ke o utlwile: Bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo atise, ke mo ngatafatsa haholoholo; o tla tswala marena a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.


Empa haele mora wa lekgabunyane, yena ke tla mo etsa setjhaba, hobane ke ngwanahao.


a sutha, a ya dula malebana le yena sebaka se ka ka sa motsu ha o phoswa: hobane o ne a re: Ke se ke ka bona ngwana ha a eshwa. A nna a dula malebana le yena, a phahamisitse lentswe, a lla.


Tsoha, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.


e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!


Yaba lengeloi la Jehova le tla, la dula tlasa sefate sa terebinthe se Ofra, e leng sa Joase, Moabiesere, mme Gideone, mora hae, o ne a pola koro sehatelong, hore a tle a e patele Bamidiane.


Jehova a re ho yena: Ruri, ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan