Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 moo a neng a hahile aletare pele, mme Abrame a rapela teng lebitso la Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

4 e leng sebakeng seo a neng a hahe aletare ya hae ya pele ho sona; ke moo Aborame a neng a rapele Morena teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 13:4
21 Iomraidhean Croise  

Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.


Isaaka a haha aletere teng, a rapela lebitso la Jehova; a ba a hloma tente ya hae teng, mme bahlanka ba hae ba tjheka sediba teng.


Setha le yena a tswala mora, a mo rea lebitso la Enose. Ya eba moo ba qalang ho rapela lebitso la Jehova.


Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng.


A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho;


A ba ke ba lebohe Jehova ka mohau wa hae le ka mehlolo ya hae ho bana ba batho;


Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova.


hobane o ntshekehetse tsebe; ke tla mo rapela ke hona ka matsatsi wohle a ho phela ha ka.


Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka nnete.


Jehova, ke rata leaho la ntlo ya hao, le nqalo moo kganya ya hao e leng teng.


Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.


Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;


Le tla bitsa ho nna, le be le tle, le ithapelle ho nna, ke le mamele.


Hobane, mohlang oo, ke tla fetola melomo ya ditjhaba, e tle e be e hlwekileng, di tle di bitse kaofela lebitso la Jehova, di mo sebeletse ka pelo e le nngwe.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan