Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jwale Modimo wa re: Lefatshe ha le hlahise dibopuwa tse phelang ka mefuta ya tsona, dikgomo, le dihahabi, le diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme ha eba jwalo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

24 Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 1:24
15 Iomraidhean Croise  

Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bohlano.


Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona.


dinonyana ka mefuta ya tsona, le diphoofolo ka mefuta ya tsona, le tsohle tse hahabang lefatsheng ka mefuta ya tsona, di tla tla kaofela ka pedi ho wena, di tle di pholohe.


bona, le diphoofolo tsohle ka mefuta ya tsona, le makgomo wohle ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona, le dinonyana tsohle tse mapheo.


le diphoofolo tsohle, le dihahabi tsohle, le dinonyana tsohle; ntho tsohle tse tsamayang lefatsheng ka mefuta ya tsona, tsa tswa arekeng.


Na o tseba nako eo letsa le tswalang ka yona na? Na o lemohile pelehi ya dikgama ha di tswala na?


Na ke wena ya neileng pere matla a yona, ya kgabisitseng molala wa yona ka moetse o fokaelang na?


Ke mang ya lokolotseng pitsi, ya lokolotseng ditlamo tsa pitsi e hlaha,


Na nare e tla dumela ho o sebeletsa? Na e tla robala pela sejelo sa hao na?


Tadima jwale Behemothe (kubu), eo ke e entseng jwalokaha ke o entse. E fula jwang jwaloka kgomo.


Thaba tse phahameng ke tsa dikome, mme mafika ke setshabelo sa dipela.


Ebe motho o tswela tshebetsong ya hae le mosebetsing wa hae ho fihlela mantsiboya.


diphoofolo, le lona makgomo kaofela, dihahabi, le dinonyana tse mapheo,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan