Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Esthere 9:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bajuda ba bang, ba leng dinaheng tsa morena, ba phutheha le bona, mme ba lwanela bophelo ba bona; ba bona phomolo ho dira tsa bona, mme ba bolaya batho ba dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano hara ba ba hloileng, empa ha ba ka ba hapa letho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

16 Bajuda ba bang ba dinaheng tsa kgosi, ba kgobakana, ba itshireletsa, ba phomola direng tsa bona. Ba bolaya dira tsa bona tse dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano, empa ba se ke ba hapa thepa ya tsona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Esthere 9:16
6 Iomraidhean Croise  

Yaba bara ba Jakobo ba tla ho ba bolailweng, mme ba phahla motse, kahobane kgaitsedi ya bona a ne a sentswe.


Ka mangolo ao morena o ne a dumella Bajuda, motseng o mong le o mong, ho phutheha le ho lwanela bophelo ba bona, ho bolaya, ho fedisa le ho timetsa makgotla wohle a hlometseng a batho ba ka ba lwantshang dinaheng tsohle, hammoho le bana ba bona le basadi ba bona, le ho hapa dintho tsa bona.


Bajuda ba phutheha metseng ya bona, dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, hore ba ise letsoho ho bohle ba ratileng ho ba ntsha kotsi; ha ho a ka ha eba le a mong ya kileng a tseba ho ema pela bona, etswe letsoso la bona le ne le wetse ditjhaba tsohle.


le kgalemelo merabeng, ho tlama marena a tsona ka mahlaahlela,


marumo a bona a tla fohla dipelong tsa bona, diqha tsa bona di robehe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan