Esthere 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)9 Morwetsana a mo kgahla, mme a fumana mohau ho yena; a phakisa a mo nea ditlolo tsa hae le dijo tsa hae, a mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya morena, mme a mo isa, yena le barwetsana ba hae, kamoreng e ntle ho fetisa ya ntlo ya basadi. Faic an caibideilBIBELE9 Hegai a kgahlwa ke Esetere, mme a mo rata. Hegai a potlaka, a mo nea ditlolo tseo a itlotsang ka tsona, le dijo tse mo tshwanelang. A mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya bokgosi, hore ba mo sebeletse. Hegai a isa Esetere le makgabunyane a hae sebakeng se setle tlung ya kgosi, moo ho neng ho dula basadi. Faic an caibideil |
Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng.
Enere ha ho fihla nako ya morwetsana e mong le e mong ya ho kena ho morena Assueruse, ha ba se ba itokisitse ka taelo e laelang tsa basadi ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi, — hobane ditshiu tsa ho itokisa ha bona di fela di ne di dutse jwalo: ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba tlola ole ya mirra, ka kgwedi tse ding tse tsheletseng, ba tlole ditlolo tse nkgang hamonate le tse ding, —