Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Esthere 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Monna wa Mojuda o ne a le teng Susane, motse wa moreneng, ya bitswang Mordekai, mora Jaire, mora Shimei, mora Kishe, Mobenjamine.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

5 Motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi, ho ne ho ena le monna wa Mojuda, ya bitswang Moredekai, mora wa Jaire, setloholo sa Shimei, setloholwana sa Kishe wa Mobenjamine.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Esthere 2:5
10 Iomraidhean Croise  

Davida ha a fihla Bahurime, a bona ho etswa teng monna wa lesika la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora Gera; a tla a ntse a rohakana.


Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.


ke re, mehleng eo, eitse ha morena Assueruse a dutse teroneng ya mmuso wa hae, Susane, e leng motse wa moreneng,


Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.


mme dinaheng tsohle tsa mmuso wa hae morena a ke a laele manqosa hore a bokelle barwetsana bohle ba batle ba dikgarebe, ba tliswe Susane, motse wa moreneng, tlung ya basadi, kalosong ya Hegai, tona ya morena le modisa wa basadi;


ba fuwe ke yena ditlolo tsa bona; jwale, morwetsana ya tla kgahla morena, a ke a bewe mofumahadi tulong tsa Vashti. Taba eo ya kgahlisa morena, mme a etsa jwalo.


Ka tsatsi la boraro, Esthere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a itlhahisa lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, kapele ho ntlo ya morena; morena o ne a dutse teroneng ya mmuso wa hae tlung ya borena, maloka le monyako wa ntlo.


Monna wa Benjamine o ne a le teng, lebitso la hae e le Kishe, mora Abiele, mora Tserore, mora Bakorathe, mora Afia, mora wa Mobenjamine e mong; e ne e le monna ya matla, ya bohale.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan