14 mme ba neng ba le haufi le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarsise, Merese, Marsena le Memukane, e leng mahosana a supileng a Persia le Media, a neng a bona sefahleho sa morena, hape e le a dutseng ditulong tse phahameng mmusong. A re ho bona:
14 Bao e neng e le diphatho tsa kgosi ke bana: Kareshena, le Shetare, le Ademata, le Tarashishe, le Merese, le Maresena, le Memukane, e leng mahosana a supileng, a tswang Peresiya le Media, wona matona a neng a ema kapele ho kgosi, mme e le wona a ka sehloohong mmusong.
Hape motseng a tshwara tona e nngwe, mohlahlobi wa banna ba ntwa, le banna ba bahlano bao e neng e le baeletsi ba morena ba fumanweng motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, momemi wa makgotla a setjhaba sa lefatshe la Juda, le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba fumanweng motseng.
O rongwa ke morena le banna ha hae ba supileng ba lekgotla ho ya hlahloba Juda le Jerusalema, kamoo ho laetsweng molaong wa Modimo wa hao kateng oo o o tshwereng matsohong a hao;
Ka melao e leng teng, e ka kgona mofumahadi Vashti a etswe jwang, haele mona a sa ka a etsa ka taelo ya morena Assueruse e isitsweng ho yena ke matona?
Hape, a nka motseng molebedi e mong ya neng a beilwe ho hlahloba bahlabani, le banna ba supileng ho ba neng ba ema pela morena, ba ileng ba fumanwa motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, ya neng a mema setjhaba sa lefatshe; le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba ileng ba fumanwa hara motse.
Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.