Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Esdrase 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 ha ho ka batlwa bukeng ya ditaba tsa ho phela ha bontatao, o tla fumana bukeng ya ditaba tseo, o be o tsebe hore motse ono ke motse o ikgantshang, o senyetsang marena le dinaha; le hore boikgantsho bo nnile ba eba teng motseng ono haesale le mehleng ya boholo; motse ono o bile wa fediswa ka baka leo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 e tle e fuputse dibukeng tsa diketsahalo tsa baholoholo ba yona. Etlare ha o ntse o fuputsa, o tla fumana hore motse ona ke wa mahlabaphiyo, o kotsi ho dikgosi le dinaha tsa tsona, le hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa tsosa setsokotsane sa bohlabaphiyo, mme ke ka baka leo o ileng wa timetswa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Esdrase 4:15
12 Iomraidhean Croise  

Efela e bile ka kgalefo ya Jehova hoo ho hlahetseng Jerusalema le Juda, a ba a ba lahlela hole le yena. Tsedekia a ntoo fetohela morena wa Babilona.


Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


Ho ke ho tsejwe ke morena hore Bajuda ba tlohileng ho wena, ba ba ba tla ho rona Jerusalema, ba haha motse o ikgantshang, o mobe, hape ba se ba ya phetha marako, mme ba tsosa metheo ya wona.


Jwale, haele moo re ja letswai la moreneng, mme ho sa re lokele hore re bone morena ha a senyehelwa, ke ka baka leo re rometseng ho morena, mme re mo tsebisa hore,


Re tsebisa morena, re re, ha motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a phethwa, ha o sa tla hlola o rua letho mose o kwano ho noka.


Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na?


leo ho ngodilweng ho lona taba e reng: Ho tumile hara ditjhaba, le yena Gashmu o rialo, hore wena le Bajuda le rerile morero wa ho kweneha; ke kahoo o tsosang lerako; leshano le re, ke wena o tla ba morena wa bona,


Taba eo ya batlisiswa, mme ya fumanwa hobane e jwalo. Ba fanyehwa ba babedi sefateng; mme taba tseo tsa ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso, pontsheng ya morena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan