Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Esdrase 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba moprista Esdrase o ema, a re ho bona: Le ikgantshitse ka ho nyala basadi basele, mme kahoo le ekeditse molato wa Iseraele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 Moprista Esera a ema, a re ho sona: “Le sitilwe ka ho nyala basadi ba baditjhaba, mme le ekeditse dibe tsa Baiseraele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Esdrase 10:10
8 Iomraidhean Croise  

ba re ho bona: Le ke ke la tlisa batshwaruwa bano mona, hobane le hopotse taba e tla re jarisa molato pela Jehova, le ho ekeletsa dibe tsa rona le molato wa rona; ruri, molato wa rona o se o le moholo, mme bohale ba Jehova bo tuketse Iseraele.


Jwale ipoleleng molato wa lona pela Jehova, Modimo wa bontata lona, le etse thato ya hae, le ikgethe ho ditjhaba tsa lefatshe le ho basadi basele.


Yaba batho bohle ba Juda le ba Benjamine ba phuthehela Jerusalema ka tshiu tse tharo, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi; setjhaba sohle sa tla, sa dula lepatlelong le pela ntlo ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba e leng teng le ka baka la dipula.


re boela re tlola melao ya hao jwang, le ho itswakanya le ditjhaba tseo tse manyala, ka ho nyallana le tsona? Na o ke ke wa re halefela, o be o re timetse, o se ke wa siya le masala, leha e le ya phonyohang na?


ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.


Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.


mme le phethisisa tekanyo ya bontata lona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan