Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 9:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

28 Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 9:28
14 Iomraidhean Croise  

Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele.


Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.


Yaba Faro o bitsa Moshe, a re: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, empa feela ha ho sale manku a lona le makgomo a lona, le ye le bana ba lona.


Yaba Moshe le Aarone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa lona. Na ho tla ya bomang le bomang?


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ke sa tlisa kotsi e le nngwe hodima Faro le hodima Egepeta, e be hona a le dumellang ho tsamaya; mme etlare ha a le lokolla, o tla le lelekisa mona, a be a le lelekise.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Tsamayang, le ye ho hlabela Modimo wa lona naheng ena.


Yaba Faro o re: Ke tla le lokolla, le tle le ye ho hlabela Jehova, Modimo wa lona, lefeelleng; empa le se ke la ya hole hakakang; nthapelleng.


Dihohwana di tla o hlwellela hodimo, wena le setjhaba sa hao, le bahlanka ba hao kaofela.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.


O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.


Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.


Simone a araba, a re: Nthapelleng e le lona ho Morena, hore ke se ke ka welwa ke ntho le e nngwe ya tseo le di boletseng.


Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan