Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 8:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ke tla bea kgaohanyo dipakeng tsa setjhaba sa ka le sa setjhaba sa hao; pontsho ena e tla hlaha hosasane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

23 Ke tla etsa kgethollo pakeng tsa setjhaba sa ka le setjhaba sa hao. Sesupo sena se tla etsahala hosasane.’ ”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 8:23
6 Iomraidhean Croise  

Elisha a re: Utlwang lentswe la Jehova: Jehova o re: Hosasane, ha ho le jwale, tekanyo ya phofo e ntle e tla reka shelele e le nngwe, mme tekanyo tse pedi tsa harese di tla reka shelele e le nngwe, kgorong ya Samaria.


Hobane ha o hanela setjhaba sa ka ha se tsamaya, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie lefatsheng la hao;


Ba tla mamela lentswe la hao, mme o tla ya, wena le baholo ba Iseraele, ho morena wa Egepeta, mme le tla re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o tlile ho rona, mme jwale, ako re dumelle; re ye tsela ya matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Yaba Jehova o etsa jwalo, mme menwang ya tla ka bongata ka tlung ya Faro, le ka matlung a bahlanka ba hae, lefatsheng lohle la Egepeta; mme lefatshe la senyeha ke menwang.


Jehova a bea nako, a re: Ka hosasa, Jehova o tla etsa taba ena naheng ena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan