Athe ha ke eso ho dule tlung, haesale ke nyolla Iseraele Egepeta ho fihlela jwale, ke mpa ke nnile ka tswa tenteng e nngwe ka kena ho e nngwe, ka tloha tulong se seng ka kena ho se seng.
Ba etse areka ya fate sa leoka: bolelele ba yona e be tswe tse pedi tse nang le halofo, bophara ba yona e be setswe se nang le halofo, mme bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.
Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.
O tla etsa lesira le purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle e lohilweng; le tle le etswe ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene, mme ho homelwe dikerubime ho lona.
Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.
A nke madi a mang a pohwana ka monwana wa hae, a foke hodima sekwahelo ka wona, ka nqa botjhabela; o tla foka ka madi hasupa ka monwana wa hae pela sekwahelo.
Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.