Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 35:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le se ke la besa mollo matlung wohle a lona ka tsatsi la Sabatha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Malapeng wohle a lona le se ke la besa mollo ka letsatsi lena la Sabatha.’ ”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 35:3
9 Iomraidhean Croise  

Ka tsatsi la pele, phutheho e kgethehileng e tla ba teng, le ka tsatsi la bosupa ho be le phutheho e kgethehileng hara lona. Ha ho ka ke ha etswa mosebetsi le o mong ka matsatsi ao, haese wa seo batho ba se jang; ke wona feela o ka etswang ke lona.


A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.


O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme o etse mosebetsi wa hao kaofela.


O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.


Ka matsatsi a tsheletseng ho tla sebetswa, mme la bosupa e tla ba la Sabatha, la phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi ka tsatsi la Sabatha, a bolawe.


Moshe a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re: Se laetsweng ke Jehova ke sena:


Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan