Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 24:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho Morena, wena le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, le yo nkgumamela le le sebakana.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 24:1
20 Iomraidhean Croise  

Bara ba Aarone ke Nadabe, Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.


Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.


Yaba Jehova o re ho yena: Tsamaya, o theohe, le ntano nyoloha, wena le Aarone, empa baprista le setjhaba ba se ke ba phunyelletsa ho tla nyolohela ho Jehova, esere a tshoha a ba bolaya.


Moshe a busetsa karabo ya setjhaba ho Jehova.


Setjhaba sa nna sa ema hole jwalo, Moshe yena a atamela pela leru le letenya moo Modimo o leng teng.


Yaba Moshe o nyolohela thabeng, mme leru la apesa thaba.


Ho atamele Moshe a nnotshi pela Jehova, ba bang ba se ke ba atamela, le sona setjhaba se se ke sa nyoloha le yena.


Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;


O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.


Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang.


O itokise e sa le hosasa, mme o hlwelle thabeng ya Sinai hosasa; o eme teng pela ka, qhoweng ya thaba.


Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.


Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.


Ba mashome a supileng ba kgutla ba thabile, ba re: Morena, re hlotse le bona batemona ka lebitso la hao.


Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan