Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 20:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Leha o ka nketsetsa aletare ya majwe, o se ke wa e haha ka majwe a betlilweng; hobane ha o ka tsamaisa tshepe lejweng, ke ho le silafatsa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

25 Ha o nketsetsa aletare ka majwe, o se ke wa e haha ka majwe a betlilweng, hobane ho a betla ke ho e silafatsa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 20:25
6 Iomraidhean Croise  

Ntlo ha e hahuwa, ya hahuwa ka majwe a lokisitsweng a eso ho tliswe teng, ho se ke ha utlwahala noto, leha e le selepe, leha e le mosebetsi o mong wa tshepe, ha ntlo e ntse e hahuwa.


Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.


Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Hape, ho le tafole tse nne tsa ditjheso, tsa majwe a betlilweng, tse bolelele bo tswe se nang le halofo, le bophara bo tswe se nang le halofo, le bophahamo bo tswe se le seng, tseo ho bewang hodima tsona msebetsi ya ho hlaba ditjheso le mahlabelo.


Jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse bana ba Iseraele, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya molao wa Moshe; e ne e le aletare ya majwe a sa kang a thuhwa, ao tshepe e neng e sa ka ya fihliswa ho wona; hodima yona ba hlabela Jehova ditjheso; ba mo hlabela le mahlabelo a teboho.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan