Eksoda 20:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)24 Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse. Faic an caibideilBIBELE24 “ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse. Faic an caibideil |
o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.
Morena Roboame a ipha matla Jerusalema, a nna a busa; o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng Jerusalema, e leng motse oo Jehova a neng a o kgethile hara meloko yohle ya Iseraele, ho bea lebitso la hae ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.
Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.
Etlare ha nqalo eo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona e le hole le wena, o tla hlaba dikgomo le dinku tsa hao tseo Jehova, Modimo wa hao, a o neileng tsona, o hlabe kamoo ke o laetseng kateng, mme o tla ja nama menyakong ya metse ya hao, kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng.
O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.