Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 17:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 Moshe a haha aletare, a e rea lebitso la “Morena ke mokgele wa ka”;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 17:15
9 Iomraidhean Croise  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.


Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.


A haha aletare teng, a e rea El-Elohe-Iseraele (Modimo ke Modimo wa Iseraele).


O emiseditse ba o tshabang folaga, ba tle ba pholohe pela motsu. (Sela.)


Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


O tla etsa aletare ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be tswe tse hlano, bophara ba yona e be tswe tse hlano. Aletare e be le mahlakore a mane a lekanang, mme bophahamo ba yona e be tswe tse hlano.


Eitse ha Aarone a bona taba eo, a haha aletare pela namane, a howeletsa, a re: Hosasane, e tla ba mokete wa Jehova!


Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan