Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 15:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Sera sa re: Ke tla phalla, ke ba tshware, ke tla hapisa thepa, moya wa ka o tla ikgorisa ka bona; ke tla tsomola sabole, letsoho la ka le tla ba qeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 “Sera se ile sa re: ‘Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware; ke arole kgapo, ke kgotsofale. Ke tla hula sabole ya ka, ka tsoho la ka ke ba timetse.’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 15:9
15 Iomraidhean Croise  

Benjamine ke phiri e rusollang; ka hosasa o ja nama ya se bolailweng, mantsiboya a ikarolele thepa.


Ke lelekisitse dira tsa ka, ke di timeditse; ha ke a ka ka kgutla, ke eso ho di qete.


Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.


Ben-Hadade a romela hape ho yena, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha lerole la Samaria le ka lekana diatla tsa setjhaba kaofela se ntatelang.


Eitse ha ho tsebiswa morena wa Egepeta hore setjhaba se balehile, pelo ya Faro le dipelo tsa bahlanka ba hae tsa kweneha bakeng sa setjhaba, ba re: Re ne re etsang, ha re lokolla Iseraele mosebetsing wa rona?


Ho kokobetswa le ba banyenyane ho molemo ho ena le ho ja kgapo le baikgohomosi.


Ke efe ho medimo yohle ya dinaha tseo e namoletseng naha ya yona matsohong a ka, ha ho thwe Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?


Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


Teng, ba howeletsa, ba re: Faro, morena wa Egepeta, ke lefeela; nako ya hae ya ho sebetsa e fetile.


Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.


empa, ha ho ka tla e mong ya se fetisang ka matla, a se hlola, o tla se amoha dihlomo tsohle tseo se di tshepileng, a hapisise tse hapilweng ke sona.


a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!


Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan