A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.
Moshe a re ho Modimo: Bona, ke tla ya ho bana ba Iseraele, mme ke tla re ho bona: Modimo wa bontata lona o nthomile ho lona; etlare ha ba re ho nna: Lebitso la wona ke mang? ke tla reng ho bona?
Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.