Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 12:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Baegepeta ba horohosa setjhaba ka matla, ba se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: Re tla shwa kaofela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

33 Baegepeta ba sututsa setjhaba sa Iseraele ka matla, ho se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: “Kaofela ha rona re lekgatheng la ho shawa!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 12:33
9 Iomraidhean Croise  

Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.


Baegepeta ba thabela ho tloha ha bona, hobane ba ne ba tshwerwe ke letsoso la bona.


Bahlanka ba Faro ba re ho yena: Monna eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neneng? Lokolla batho bao, ba tle ba ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa bona. Na ha o eso ho lemohe hobane Egepeta e senyehile na?


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ke sa tlisa kotsi e le nngwe hodima Faro le hodima Egepeta, e be hona a le dumellang ho tsamaya; mme etlare ha a le lokolla, o tla le lelekisa mona, a be a le lelekise.


Ba apeha dinkgwa tse sa lomoswang tsa hlama eo ba tswileng Egepeta le yona, hobane e ne e sa ka ya lomoswa, etswe ba ne ba potlakisitswe Egepeta, ba sitwa le ho e apeha, le mefaho ba sa ka ba iketsetsa yona.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.


Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.


Mme kahobane taelo ya morena e ne e le thata, le kahobane sebopi se ne se besitswe ka ho fetisisa, batho bao ba akgetseng Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego ba eshwa ke lebatama la mollo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan