Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

13 Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 12:13
10 Iomraidhean Croise  

Le pome nama ya ntlha ya dipele tsa lona, mme e tla ba pontsho ya selekane sa ka le lona.


Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.


Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.


Ba tla kgella madi a yona, ba foke dikosene tsa menyako le mosehlelo o hodima menyako ya matlo ao ba jelang ho wona.


mme Jehova a re ho yena: Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba fehelwang, ba bobolang ka baka la manyala wohle a etswang hara wona.


le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.


Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.


Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,


Bona mohla re kenang lefatsheng la lona, o ke o hokele kgwele ena ya lesika le lefubedu fensetereng eo o re theositseng ka sona; hape, o ke o bokelle ka ha hao ntatao, le mmao, le banabeno, le bohle ba ntlo ya ntatao.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan