Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Eksoda 10:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a lokolla bana ba Iseraele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

20 Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke lokolla bana ba Iseraele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Eksoda 10:20
13 Iomraidhean Croise  

Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, hobane ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse dipontsho tsena tsa ka pela hae;


Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.


Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme a hana ho ba lokolla.


Moshe le Aarone ba ne ba entse mehlolo eo kaofela pela Faro, empa Jehova o na a thatafaditse pelo ya Faro, mme ha a ka a lesela bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.


Empa ke tseba hoba morena wa Egepeta ha a ka ke a le dumella ho tsamaya, esita leha a ka etswa ka letsoho le matla.


Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.


Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.


Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.


Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan