Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Diproverbia 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Maruo o fumanwang ka bokgopo ha a na moeno; empa ho loka ho qobisa lefu.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

2 Maruo a fumanweng ka bokgopo ha a na thuso, empa toka e lokolla motho lefung.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Diproverbia 10:2
15 Iomraidhean Croise  

Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


Ho ipokellela maruo ka leleme le mano, ke bosawana le maraba a lefu.


Tseleng ya ho loka bophelo bo teng, mme mmileng wa hona ho na le ho se shwe.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Ba lahlela silefera ya bona diterateng, mme kgauta ya bona e tla ba ditshila feela; silefera le kgauta tsa bona ha di na matla a ho ba pholosa tsatsing la kgalefo ya Jehova; ba ke ke ba kgorisa meya ya bona, leha e le ho tlatsa mala a bona, hobane ke tsona tseo e leng kgopiso ya bona bokgopong ba bona.


Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,


mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;


Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.


Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan