Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Dipesaleme 69:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Nkutlwe, Jehova, hobane mohau wa hao o molemo; o retelehele ho nna ka mehauhelo ya hao e meholo,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

16 Ke se ke ka nkwa ke morallo wa metsi, ka metswa ke bodiba, ka kometswa ke lebitla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Dipesaleme 69:16
12 Iomraidhean Croise  

a nna a elellwa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau wa hae o moholo,


Empa wena, Jehova, Morena, o nthuse ka baka la lebitso la hao, hobane lereko la hao le molemo;


Marapo a lebitla a ne a ntikile, ke ne ke tshwasitswe mameneng a lefu.


Jehova, o retelehele ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, ke madimabe!


Haele nna, ke tla nne ke tsamaye ka toka ya ka; o mpoloke, o nketse ka mohau!


Modimo, mohau wa hao o rateha hakakang! Bana ba batho ba balehela moriting wa dipheo tsa hao;


Oho Modimo, nkgauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ya hao o hlakole ditlolo tsa ka!


Ke ka mokgwa o jwalo ke lebisitseng mahlo a ka ho wena sehalalelong, ke tle ke bone matla a hao le kganya ya hao;


Haele nna, thapelo ya ka e nyolohela ho wena, Jehova, nakong e tshwanelehang. Oho Modimo, o nkarabe ka bongata ba mehauhelo ya hao, ka nnete ya poloko ya hao.


Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.


O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan