Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Dipesaleme 69:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O nnyolle diretseng, mme o se ke wa ntesa ka tetebella teng, ke be ke bolokwe ho ba ntlhoyang le bodibeng ba metsi,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 Ke lebisa thapelo ya ka ho wena Morena, ka nako e o kgahlang, Modimo. Ako nkarabe ka mohau wa hao o moholo, le ka botshepehi ba hao bo pholosang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Dipesaleme 69:14
20 Iomraidhean Croise  

Empa wena, Jehova, Morena, o nthuse ka baka la lebitso la hao, hobane lereko la hao le molemo;


ba bua le nna ka leleme le leshano, ba nteela hare ka mantswe a hloyo, ba ntwantshetsa lefeela!


Nanabetsa matsoho a hao, o dutse phahameng, o ntopolle, o nnyolle metsing a maholo, o nntshe letsohong la bana ba baditjhaba,


O se ke wa lesa ba ikentseng dira ho nna ka bolotsana hore ba thabe ka nna, ba se ke ba nyekotsa ka mahlo ka ho ntlhoya feela!


Moya wa ka o nyoretswe Modimo, Modimo o utlwang. Ke tla ya neneng, ke be ke itlhahise pela Modimo?


Bodiba bo arabelana le bodiba bo bong modumong wa phororo tsa hao; merwallo ya hao kaofela le maqhubu a hao wohle a fetile hodima ka.


ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka.


Hobane wena, Morena, o molemo, o mosa, o tletse lereko hobohle ba o rapelang.


Ka bitsa lebitso la hao, Jehova, ke le sekoting se tebileng tlase.


Ba sebeletsang masa wana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang;


Ka hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eloi, Eloi, lamma sabakthani? Ha ho fetolwa, ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng na?


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan