Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Dipesaleme 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Dipesaleme 3:7
17 Iomraidhean Croise  

Modimo, o ba robe meno melomong ya bona! Jehova, pshatla mehlahare ya ditau!


ke ne ke roba meno a ya bolotsana, ke ne ke hlwibila thusolelo menong a hae.


Ba ahlamile melomo ya bona hampe hodima ka, ba ntshoma, ba ntjabela marameng; ba teane hammoho ho ntwantsha.


Wena, Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele, tsoha ho laya ditjhaba tsohle! O se ke wa hauhela le a mong wa baeki le ba bolotsana bao! (Sela.)


Tsoha, Jehova! Oho Modimo, otlollela letsoho la hao hodimo. O se ke wa lebala ba madimabe!


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Tsoha, Jehova! ka bohale ba hao o phahamele ho itshena ha bao e leng dira ho nna! Tsoha, o nkemele, o laele kahlolo!


Kgutla, Jehova, o lokolle moya wa ka; o mpoloke ka baka la mohau wa hao.


a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.


ha Modimo o tsoha ho ahlolela le ho boloka bahlomohi bohle ba lefatshe. (Sela.)


O honyeletsang letsoho la hao, letsoho la hao le letona? Ako le ntshe fubeng sa hao, o ba timeletse!


Phaphama! o robaletseng, Morena? O phaphame, o se ke wa re lahla ka ho sa feleng!


Tsoha, o phaphame ho nkahlolela, Morena wa ka, Modimo wa ka, o lokise ditaba tsa ka!


Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona.


Hobane teng, ntwa ya qhalana ka lefatshe lohle, mme tsatsing leo moru wa eja batho ba fetisang ba jelweng ke lerumo.


Leha lekgotla la dira le ka tla ho lalla pela ka, pelo ya ka e ke ke ya tshoha; leha ntwa e ka mphutuhela, le teng ke sa tletse tshepo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan