4 Ha ke dule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi.
4 Ha ke ahisane le batho ba leshano, ha ke kopane le baikaketsi.
Ha eba nkile ka tsamaya ka leshano, leha eba leoto la ka le phakisitse ho thetsa,
Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng keletso ya bakgopo, ya sa emeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;
Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.
Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!
Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao.
Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.
Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.
Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.
Ha ke a ka ka itulela mokgatlong wa basomi ho ya ithabela teng; ka mpa ka dula ke nnotshi ka baka la letsoho la hao le ntshwereng, hobane o ntlatsitse ka hlonamo.
Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.
Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,