Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Diketso 8:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Haele Filipi, a theohela motseng o mong wa Samaria, a bolela Kreste teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

5 Filipi a theohela motseng wa Samaria, a phatlalletsa batho ba teng tsa Kreste.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

5 Filipi a theohela motseng wa Samaria, a ba bolella ditaba tse molemo tsa Kreste.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Filipi a theohela motseng wa Samaria, a ba bolella ditaba tse molemo tsa Kreste.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Diketso 8:5
18 Iomraidhean Croise  

Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Hosasane, ra tloha, mme ra fihla Sesarea; ra kena tlung ya Filipi, moevangeli, eo e neng e le e mong wa ba supileng, mme ra dula ha hae.


Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi wohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.


Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke.


Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane. Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi.


Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.


Filipi a matha, mme eitse ha a mo utlwa a bala buka ya moporofeta Esaia, a mmotsa, a re: Na o utlwisisa seo o se balang na?


Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.


Bongata ba eba pelo e le nngwe ho mamela tse bolelwang ke Filipi, ha bo utlwa, mme bo bona mehlolo eo a e etsang.


A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.


empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.


Hobane ke ne ke pheheletse hore ke se ke ka tseba letho le leng hara lona haese Jesu Kreste, le hona e le ya thakgisitsweng.


Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan