Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Daniele 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 mahlaku a sona a le matle, ditholwana tsa sona di le ngata, se ena le dijo tsa bohle; diphoofolo tsa naha di ne di etla moriting wa sona, dinonyana tsa lehodimo di ne di haha makaleng a sona, dibopuwa tsohle di ne di bona dijo ho sona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Daniele 4:12
13 Iomraidhean Croise  

O tlosa kutlwisiso ho marena a ditjhaba; o ba dikadikisa dibakeng moo tsela e leng siyo;


Hobane tshepo e teng bakeng sa sefate; leha se ka rengwa, se ka boela sa mela, ha se lese ho hlomela;


ha se utlwa metsi se tla tsoha, se hlomele, se medise makala jwaloka setlama se setjha.


Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.


Ke tla le hloma thabeng e telele ya Iseraele; le tla hlomela, le be le behe ditholwana, le fetohe kedare e ntlentle; tlasa yona, ho tla haha dinonyana tsohle, tsohle tse nang le dipheo; di tla haha matlo a tsona moriting wa makala a yona.


Le tsona tsa theohela nqalong ya bafu hammoho le yona, ho ba bolailweng ke lerumo, le ho bao e neng e le letsoho la yona, ba neng ba ahile moriting wa yona hara ditjhaba.


A howa ka lentswe le phepa, a bolela, a re: Remang sefate, le hlaphole makala a sona; fohlang mahlaku a sona, le hasakanye ditholwana tsa sona, diphoofolo di balehele moriti wa sona, dinonyana tsa lehodimo di tlohe makaleng a sona.


Efela e le yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e hodile, e siya meroho e meng, e fetohe sefate, moo dinonyana tsa lehodimo di tlang, mme di aha makaleng a sona.


Empa haele bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang, leha e le mangeloi a lehodimong, leha e le Mora, haese Ntate feela.


Empa, ha e se e jadilwe, e hole, mme e fete meroho yohle ka boholo, e etse makala a maholo, mme dinonyana tsa lehodimo di ahe moriting wa yona.


O tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae; ya mela, ya eba sefate se seholo, mme dinonyana tsa lehodimo tsa aha makaleng a sona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan