Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Daniele 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, le kgumame, mme le rapele setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

5 Hang ha le utlwa ho letswa lenaka, le lekodilo, le harepa, le lekoope, le seletsa se kgwele di leshome, le diphala, le mmino wa mefuta yohle, le itihele fatshe, le kgumamele setshwantsho sa kgauta, seo kgosi Nebukadenesare a se emisitseng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Daniele 3:5
5 Iomraidhean Croise  

Ditshwantsho tsa bona ke silefera le kgauta, mosebetsi wa matsoho a batho.


Yaba morena Nebukadnesare o wa ka sefahleho, a kgumama pela Daniele, mme a laela hore a hlomphuwe ka mahlabelo a teboho le dibano.


Morena, o beile taelo ya hore e mong le e mong ya utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, a kgumame, mme a rapele setshwantsho sa kgauta; wa re,


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


Ha ho le jwalo, eitse ha ba utlwa modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le diletsa kaofela, batho bohle, le ba ditjhaba, le ba dipuo, ba kgumama pela setshwantsho sa kguata seo morena Nebukadnesare a se emisitseng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan