Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Daniele 3:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ba araba, ba re ho morena: Ho jwalo, morena! A bua, a re: Bonang, ke bona batho ba bane ba tsamaya hara mollo ba lokolohile, ha ho bonahale tshenyeho ho bona, mme e mong wa bona o bonahala jwaloka hoja e le mora wa medimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

25 Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Daniele 3:25
20 Iomraidhean Croise  

Ka tsatsi le leng, bara ba Modimo ba tla ho itlhahisa pela Jehova, mme Satane a kena hara bona.


mohla dinaledi tsa meso di ntshang mehoo ya thabo, le bara bohle ba Modimo ba binang ka nyakallo?


O tla o lokolla ditsietsing tse tsheletseng, mme ho tse supileng ha ho bobe bo ka o amang.


Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.


Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Mme ke tla nne ke o namolele matsohong a ba babe, ke o lwele matleng a bahale.


Leha ho se jwalo, o tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, re ke ke ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.


Yaba morena Nebukadnesare o a tsieleha; a tshoha, a ema, a bua, a re ho baeletsi ba hae: Ha ke re, re akgetse batho ba tlamilweng ba le bararo hara mollo?


Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!


Yaba morena o thaba ka ho fetisisa, mme o laela hore Daniele a nyollwe lemeneng. Daniele a nyollwa lemeneng, mme ha ho a ka ha fumanwa le leqebanyana ho yena, hobane a ne a itshepetse Modimo wa hae.


ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.


Empa Pauluse a hlohlorela noha mollong, e se ke ya mo etsa letho.


ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;


Mme ke mang ya tla le etsa hampe, ha le tjhesehela botle?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan