2 Morena Nebukadnesare a romela ho phutha mahosana, le marenana, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo a hae, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi bohle ba dinaha tse kamathoko, hore ba itlhahise moketeng wa ho kgakola setshwantsho se emisitsweng ke morena Nebukadnesare.
2 Jwale kgosi Nebukadenesare a mema mahosana, le babusisi le balaodi, le baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, hore ba be teng ha ho kgakolwa setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.
Jeroboame a ntoo hloma mokete ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, o kang mokete o etswang Juda; mme a hlaba mahlabelo aletareng. A etsa jwalo le Bethele, a hlabela manamane ao a a entseng, mme a bea Bethele baprista ba nqalo tse diphahameng, tse hahilweng ke yena.
Mme mahosana, le marenana, le babusi, le baeletsi ba morena, ba phutheha, mme ba bona hoba mollo ha o a ka wa eba le matla mmeleng ya bona le hanyenyane, le hoba moriri wa dihlooho tsa bona ha o a ka wa tlaboha, leha e le dikobo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le hoba lephoka la mollo ha le yo ho bona.
Yaba ho phutheha mahosana, le marena, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi kaofela ba dinaha tse kamathoko, ho tla kgakolong ya setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng, mme ba ema pela setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.
Yaba marena a Bafilesta a phutheha ho hlabela Dagone, modimo wa bona, sehlabelo se seholo, le ho etsa mokete; ba re: Modimo wa rona o neetse Samsone, sera sa rona, matsohong a rona.