Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Daniele 2:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Haele menwana ya maoto eo e neng e le ya tshepe ka nqa e nngwe, mme ka nqa e nngwe e le ya letsopa, ke hobane mmuso oo o tla ba matla ka nqa e nngwe, ka nqa e nngwe e be o pshatlehang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

42 Jwalokaha menwana ya maoto e ne e entswe ka tshepe le ka letsopa, le mmuso oo o tla ba le matla, o be o be le bofokodi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Daniele 2:42
4 Iomraidhean Croise  

Haele ka seo o se boneng, hoba maoto le menwana ya sona ka nqa e nngwe e le letsopa la mmopi wa dipitsa, ka nqa e nngwe e le tshepe, ke hobane mmuso oo e tla ba mmuso o arohileng; empa ho wona ho tla ba ho kang matla a tshepe, hobane o bone tshepe e kopantsweng le letsopa.


Seo o se boneng, ha tshepe e ne e kopane le letsopa, ke hobane ba tla nyalana ba kopantse meloko ya batho, empa ba ke ke ba momahana, jwaloka tshepe ha e sa momahane le letsopa.


Manaka a leshome ke marena a leshome, a tlang ho tswalwa mmusong oo; e mong o tla hlaha kamora wona, ya hosele ho a pele, mme o tla kokobetsa marena a mararo.


Yaba ke bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome; dinakeng tsa sona se ne se rwetse meqhaka e leshome; mme dihloohong tsa sona ho ne ho ngodilwe mabitso a nyefolang Modimo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan