Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Daniele 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O tla lebisa mahlo a hae nqa dihlekehlekeng, mme o tla ikgapela tse ngata ho tsona; empa morena e mong o tla kokobetsa nyefolo ya hae, a busetse dinyefolo tsa hae ho yena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

18 Hamorao e tla futuhela ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, mme e hape tse ngata. Empa molaodi e mong osele o tla e hlola, a fedise boikgohomoso ba yona. Ruri boikgohomoso ba kgosi ya Siria bo tla fetohela monga bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Daniele 11:18
10 Iomraidhean Croise  

Morena Assueruse a ntshisa lefatshe la hae le dihlekehleke tsa lewatle lekgetho.


Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.


Hlong le fele le etele dihlekehlekeng tsa Kittime, le tadime; romelang Kedare, le lemohe hantle, le tadime ha taba e jwalo e se e kile ya eba teng.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


di entse masokwana a hao ka dieike tsa Bashane; ditulo tsa hao di di entse ka dinaka tsa ditlou tse hometsweng difateng tsa bokise tsa dihlekehleke tsa Kittime.


Efraime o halefisitse Jehova hampe; o tla mmolokela melato ya hae ya madi, Morena wa hae a busetse ho tlotlolla ha hae ho yena.


Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan