Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Daniele 11:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mehleng eo, ba bangata ba tla tsohela morena wa Borwa matla, mme bahale ba setjhaba sa hao ba tla ikgantsha, ba tle ba phethe pono eo, empa ba tla wa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 “Ka nako eo, setjhaba se sengata se tla fetohela kgosi ya Egepeta. Le kahara setjhaba sa heno, wena Daniele, ho tla hlaha banna ba kgantshang dikgoka, ba e fetohele, e le hore pono ena e tle e phethahale; feela ba tla hlolwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Daniele 11:14
4 Iomraidhean Croise  

Hobane morena wa Leboya o tla boela a bokelle makgotla a mangata, a fetisang a pele, mme ha ho fetile dilemo tse ding, o tla tla, a fihle ka makgotla a maholo le ka phahlo e ngata.


Mme morena wa Leboya o tla tla, a hahe marako a phahamileng, a ikgapele motse o qhobosheane, mme makgotla a Borwa a ke ke a ema, le mokgetho wa wona o ke ke wa eba le matla a ho tiya.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan