Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Baroma 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme ha re etse keng bobe, botle bo tle bo hlahe? Kamoo re ntseng re etselletswa kateng, ke ba bang, ha ba bolela hore re rialo. Tsuo ya bao e lokile.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

8 Na ha ho molemo hore re etse bobe, e le hore tse molemo di tle di hlahe, jwalokaha ba bang ba re etseletsa, ka ho re re rialo? Bona ba lokelwa ke kahlolo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

8 Mme e seng, jwalokaha re senngwa, le jwaloka ba bang ba bolela hore re re: A re etseng bobe, hore ho tle ho hlahe molemo? eo tsuo ya hae e leng toka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme e seng, jwalokaha re senngwa, le jwaloka ba bang ba bolela hore re re: A re etseng bobe, hore ho tle ho hlahe molemo? eo tsuo ya hae e leng toka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Baroma 3:8
10 Iomraidhean Croise  

Empa Gedalia, mora Akikame, a araba Johanane, mora Karea, a re: O se ke wa etsa hoo, hobane o etselletsa Ishmaele.


Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.


Empa molao o hlahile hore tlolo e ngatafale; mme moo sebe se ngatafetseng, mohau le wona o ngatafetse kahodimo;


Jwale, re tla reng? Hleka re tla hlola sebeng hore mohau o tle o ngatafale na?


Mme keng? Na a re tla etsa sebe, kahobane re se pusong ya molao, re mpa re le pusong ya mohau na? Tjhe, ho se ke ha eba jwalo!


Ana jwale re tla reng? A molao ke sebe na? Ho se ke ha thualo! Feela, hojane e se be ka molao, nka be ke sa tsebe sebe; hobane nka be ke sa ka ka tseba seo takatso e leng sona, hola molao o se ke wa re: O se ke wa lakatsa.


Ha ho le jwalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ya bona e tla lekana le mesebetsi ya bona.


hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan