Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Baroma 15:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Motho ka mong ho rona a kgahlise ngwanabo ka ho mmatlela se molemo ho yena, se ka mo hahisang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

2 E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

2 E mong le e mong wa rona a kgahlise moahelani wa hae molemong wa ho mo haha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 E mong le e mong wa rona a kgahlise moahelani wa hae molemong wa ho mo haha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Baroma 15:2
15 Iomraidhean Croise  

A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.


Ke dumeletswe ntho tsohle, empa hase tsohle tse nang le molemo. Ke dumeletswe ntho tsohle, empa ntho tsohle ha di hahise.


Ho se ke ha eba motho ya batlang tse tshwanelang yena a nnotshi, empa motho ka mong a ke a batle le tse tshwanelang ba bang.


jwalokaha le nna ke kgahlisa bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se tshwanelang nna feela, ke mpa ke batla se tshwanelang ba bangata, ba tle ba bolokehe.


Ha le etse ho swabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe.


Ana ke re, ho be jwang, banabeso? Ke re: Kamehla yohle ha le phutheha, e mong le e mong ho lona o na le pesaleme, leha e le thuto, kapa puo, leha e le tshenolo, leha e le phetolo; tsohle di etsetswe kgahiso.


Empa haele ya porofetang, o beela batho tsa kgahiso, tsa kgothatso, le tsa matshediso.


Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.


Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona.


ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste;


Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan