Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Baroma 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Motho ka mong a ikokobetse katlasa borena, hobane ha ho borena bo sa tsweng ho Modimo; marena a leng teng a beilwe ke Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

1 A motho e mong le e mong a ikokobeletse balaodi ba phahameng. Hobane ha ho matla ha e se a Molimo: matla a teng a behiloe ke Molimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 A motho e mong le e mong a ikokobeletse balaodi ba phahameng. Hobane ha ho matla ha e se a Molimo: matla a teng a behiloe ke Molimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Baroma 13:1
25 Iomraidhean Croise  

Modimo o boletse hang, mme ke utlwile habedi, ha ho thwe: Matla ke a Modimo;


Ngwana ka, tshaba Jehova le morena, o se ke wa itlwaetsa babelaedi;


Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.


Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane.


o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.


Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.


O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.


Ka baka leo, ya hanang ho borena, o hana molao wa Modimo, mme ba hanang ba ikgulela tsuo hodimo.


Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tshaba Kreste.


Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.


le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane.


O ba hopotse ho utlwa dihlooho le marena, ho ya ka melao, ho lokela mesebetsi yohle e metle;


Balori bao le bona ba itshilafatsa nama ka mokgwa o jwalo, mme ba nyefola ba beilweng boholong, mme ba nyedisa ba kganyang.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan