Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Baroma 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa ho reng? Ho re: Polelo e haufi le wena, e molomong wa hao, e ka pelong ya hao; ke yona polelo ya tumelo eo re le bolellang yona,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

8 Ho thweng hape? “Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao,” e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

8 Empa e reng? Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao, ke hore, lentswe la tumelo leo re le bolelang;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Empa e reng? Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao, ke hore, lentswe la tumelo leo re le bolelang;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Baroma 10:8
14 Iomraidhean Croise  

Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.


Baporofeta bohle ba mmoletse ka taba ya hore, e mong le e mong ya dumelang ho yena, o tla bona tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.


Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!


Tumelo e fela e tla ka ho utlwa, mme kutlo e tla ka polelo ya Modimo.


Nka rata ho utlwa ho lona hona hoo feela: Ana le nkile Moya ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


Ya le fang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafaditse ka hlatsuo ya metsi ka lentswe la hae,


Empa lentswe le haufiufi le wena, le molomong wa hao, le ka pelong ya hao, hore o etse ka lona.


Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.


le tswe le boetse le tswetswe, e seng ka peo e bolang, e leng ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.


empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Mme ke lona lentswe leo le le bolellwang.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan