Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




BaKolose 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke entswe mohlanka wa yona, ka kabelo eo Modimo o nkabetseng yona bakeng sa lona, ya ho isa lentswe la Modimo kahohle,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

25 Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

25 Ke entswe mosebeletsi wa yona ho ya ka puso ya Modimo eo ke e filweng bakeng sa lona, hore ke tle ke phethe lentswe la Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Ke entswe mosebeletsi wa yona ho ya ka puso ya Modimo eo ke e filweng bakeng sa lona, hore ke tle ke phethe lentswe la Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




BaKolose 1:25
10 Iomraidhean Croise  

Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.


Ekare ha ke etsa jwalo ka ho rata, ke na le moputso teng; mme leha ke etsa ke sa rate, tshebetso ya yona e sa ntse e beilwe hodima ka.


ha le fela le utlwile kabelo ya mohau wa Modimo eo ke e neetsweng bakeng sa lona.


eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.


ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.


Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;


Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan