Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




BaHebheru 9:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

19 Moshe o ile a balla setjhaba sohle ditaelo tsohle ka ho ya ka Molao, a nto nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo bofubelu, le lehlaku la hisopa, a foka buka ya Molao le batho bohle,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

19 Eitse hobane Moshe a laele setjhaba kaofela, ho ya ka molao, a nka madi a namane, le a diphooko, le metsi, le boya bo lefubedu, le hisopa, mme a fafatsa buka le setjhaba kaofela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Eitse hobane Moshe a laele setjhaba kaofela, ho ya ka molao, a nka madi a namane, le a diphooko, le metsi, le boya bo lefubedu, le hisopa, mme a fafatsa buka le setjhaba kaofela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




BaHebheru 9:19
26 Iomraidhean Croise  

o kene hang feela sehalaledisisong, e seng ka madi a diphooko le a manamane, empa e leng ka madi a hae a sebele, mme a etsa topollo e sa feleng.


Monna ya hlwekileng o tla nka hisopa, a e qopetse metsing ao, a ntoo foka tente ka yona, le mesebetsi yohle, le batho ba leng teng, le eo ya amileng masapo, kapa motho ya bolailweng, kapa setopo, kapa lebitla.


Moprista o tla nka patsi ya kedare, le hisopa, le purepera, mme o tla di lahlela kahara mollo o tjhesang sethole.


Hobane madi a dipoho le a diphooko a sitwa ruri ho tlosa dibe.


ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa.


Bahlabani ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo apesa le kobo ya purepera;


Eitse hobane ba mo some, ba mo hlobodisa kobo ya purepera, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba ya le yena ho mo thakgisa.


Ba mo apesa kobo ya purepera; ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong;


Ba mo hlobodisa, ba ntoo mo apesa kobo e kgubedu.


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Ha a nyehela ka e kgutshwane e tona, kapa e tshehadi, e le sehlabelo sa teboho, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.


Le nke sehlotshwana sa hisopa, le e qopetse mading a mokekaneng; le foke sefate se hodimo le dikosene tsa menyako ka madi a leng mokekaneng; ho se ke ha tswa motho ka monyako wa ntlo ya hae ho fihlela hosasa.


O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!


ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.


Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,


Hobane ha esita madi a diphoho le a diphooko, le melora ya sethole eo ho fokwang ba ditshila ka yona, di ba hlatswa ka nqeng ya nama,


Ka baka leo, le sa pele selekane ha se a ka sa etswa madi a le siyo.


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan