Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




BaHebheru 12:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ekare ha le mamella ho lauwa, Modimo o le etsa jwaloka bara ba wona, hobane ke ofe mora eo ntatae a sa mo layeng?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 Mamellang matshwenyeho e le kgalemelo ya Modimo ya le nkang le le bana ba hae. Ana ke mora ofe eo ntatae a sa mo kgalemeleng?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

7 Haeba le mamella tayo, Modimo o le etsa jwaloka bara; hobane ke mora ofe eo ntatae a sa mo layeng?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Haeba le mamella tayo, Modimo o le etsa jwaloka bara; hobane ke mora ofe eo ntatae a sa mo layeng?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




BaHebheru 12:7
16 Iomraidhean Croise  

ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;


Empa ntatae o ne a sa ka a mo kgalemela le ka mohla o le mong, ka ho re: O etsetsang jwalo? Hape o ne a le motle haholo; ho tswalweng, o ne a hlahlama Absalome.


Ya hlokisang mora wa hae thupa, o mo hloile; empa ya mo ratang o mo laya a sa le monyenyane.


Laya ngwana hao ha tshepo e sa le teng; empa o se ke wa mo thoothellwa ho mmolaya.


Bohlanya bo tlameletswe pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ho yona.


Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong.


Laya mora wa hao, o tla o fa phomolo, a nyakalatse moya wa hao.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.


Kgolwa pelong ya hao hobane Jehova, Modimo wa hao, o o laile jwaloka motho ha a laya mora wa hae.


Le hatakeletseng ka maoto mahlabelo a ka le diabelo tsa ka, tseo ke di laetseng tlung ya ka? O hlomphile bara ba hao ho fetisa nna, le tle le inontshe ka tse kgolo tsa dineo tsohle, tseo setjhaba sa ka sa Iseraele se ananelang ka tsona.


Seo e tla ba pontsho ho wena, ke se tla hlahela bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease: ba tla shwa ba babedi ka tsatsi le le leng.


Ke se nkile ka mo tsebisa hobane ke tla ahlola ntlo ya hae ka kahlolo e ke keng ya fela; hobane leha a ne a ntse a tseba bokgopo ba bara ba hae, kamoo ba ntseng ba ipha bolotsana kateng, ha a ka a ba tshwara.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan