Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




BaHebheru 12:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Athe bao ba re laile ka ditshiu di se kae, kamoo ba neng ba bona tshwanelo kateng; empa Morena o re laya ho re batlela molemo, re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 Bo-ntata rona ba re kgalemetse ka nakwana feela, kamoo ba neng ba bona kateng, empa Modimo o re etsetsa molemo ka ho re kgalemela, hore re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

10 Hobane bona ba re laile ka matsatsi a se makae ka ho rata ha bona; empa yena e le molemong wa rona, hore re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane bona ba re laile ka matsatsi a se makae ka ho rata ha bona; empa yena e le molemong wa rona, hore re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




BaHebheru 12:10
17 Iomraidhean Croise  

Jehova, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile, le hore o ntse o tshepeha, leha o nkokobeditse.


Haele nna, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, mme ha ke phaphama, ke tla kgora sefahleho sa hao.


Hobane pelo ya hae ha e rate ho utlwisa bohloko le ho hlomodisa bana ba batho.


Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.


le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.


jwale o le buseditse kgotsong ka mmele wa nama ya hae, ka lefu la hae, a tle a le hlahise pela wona le halalela, le se na letheba le molato;


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


mme ha ka tseo a re sitsitse jwalo ka dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore ka tsona le be le kabelo ho seo Modimo o leng sona, ka ho hloboha ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso;


Yaba Elimeleke, monna wa Naomi, o a shwa, ha sala mosadi le bara ba hae ba babedi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan