Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




BaHebheru 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka tumelo, Henoke o nkilwe hore a se ke a bona lefu, mme ha a ka a fumanwa, kahobane Modimo o ne o mo nkile; mme enere a eso ho nkwe, o pakilwe hore o kgahlisitse Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

5 Ka tumelo Henoke o ile a nkelwa lehodimong, a sa ka a shwa. Ha a a ka a hlola a fumanwa, hobane Modimo a ne a mo nke. Efela, pele a nkwa, o ne a pakilwe hore o kgahlisitse Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

5 Ka tumelo Henoke o ile a tloswa hore a se ke a bona lefu; mme a se ke a fumanwa, kahobane Modimo o ne o mo tlositse;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ka tumelo Henoke o ile a tloswa hore a se ke a bona lefu; mme a se ke a fumanwa, kahobane Modimo o ne o mo tlositse;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




BaHebheru 11:5
17 Iomraidhean Croise  

Mohla Jehova a tla nyolosetsa Elia lehodimong ka sefefo, Elia le Elisha ba tloha Gilgale.


Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.


Motho ke mang ya phelang, mme a sa tlo ka a bona ho shwa? Ke mang ya ka lopollang moya wa hae matleng a nqalo ya bafu? (Sela.)


Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.


O ne a senoletswe pele ke Moya o Halalelang hoba a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena.


wa Methusela, wa Henoke, wa Jerede, wa Mahalaleele, wa Kenane,


Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.


Empa tumelo ha e le siyo, ha ho kamoo Modimo o ka kgahliswang kateng; ya atamelang Modimo e ka kgona a dumele hobane o teng, le hoba ke wona moputsi wa ba o batlang.


Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.


Mme seo re se kopang, leha e le sefe le sefe, re se newa ke wona; hobane re boloka ditaelo tsa wona, mme re etsa tse leng ntle pela wona.


Le bona ba porofetilwe ke Henoke, monna wa bosupa ha ho qalwa ka Adama, ka ho re:


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan