Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Baefese 1:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Kereke e leng mmele wa hae, le phetheho ya ya phethang ntho tsohle ho bohle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

23 eo e leng mmele wa hae, o phediswang ke yena ka ho tlala, yena ya phediswang ke Modimo ka ho tlala.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

23 E leng mmele wa hae, e leng botlalo ba ya tlatsang tsohle ho bohle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 E leng mmele wa hae, e leng botlalo ba ya tlatsang tsohle ho bohle.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Baefese 1:23
19 Iomraidhean Croise  

Mme re amohetse bohle mohau hodima mohau, ho tletseng ho yena.


Ke hona le tshwanetseng ho ipea katlasa borena, e seng ka baka la ho tshaba kotlo feela, empa e be le ka baka la letswalo.


Le diketso di arohane, empa Modimo o mong feela, o sebetsang tsohle ho bohle.


Mme etlare ha tsohle di beilwe katlasa hae, ke hona Mora le yena a tla bewa katlasa ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo e tle e be tsohle ho bohle.


mme a busetse hammoho ho Modimo ba bang le ba bang, e le mmele o le mong, ka sefapano sa hae, ha a bolaile hloyano ka sona.


hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,


mme le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo yohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.


Ya neng a theohile, esale yena ya nyolohetseng kahodimo ho mahodimo wohle, a tle a tlale ntho tsohle.


ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste;


re tle re be re finyelle bohle bonngweng ba tumelo le ba tsebo ya Mora wa Modimo, re be re fihlele boholo ba monna ya phethehileng, le tekano ya boemo bo phethehileng ba Kreste;


Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ka ho bitswa ha lona.


Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.


Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.


Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan