Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Baahlodi 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bana ba Ammone ba tshela Jordane ho ya lwantsha Juda, le Benjamine, le ntlo ya Efraime, mme Baiseraele ba tsieleha haholo ke hona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 Baamone ba tshela Jorodane ho ya lwantsha le Juda, le Benjamine, le ba ntlo ya Efraime, mme Baiseraele ba tsieleha haholo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Baahlodi 10:9
13 Iomraidhean Croise  

Mehleng eo, ho ne ho se kgotso ho ba yang le ho ba boyang, hobane meferefere e mengata e ne e le teng ho bohle ba ahileng lefatsheng;


Serake wa Moethiopia a ba futuhela a ena le sera sa batho ba dikete tse sekete le makoloi a makgolo a mararo, mme a fihla Maresha.


Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.


Ha o ka ke wa fumana kgatholoho hara ditjhaba tseo, mme bohato ba leoto la hao bo tla hloka phomolo; hobane hona teng Jehova o tla o nea pelo e thothomelang, le mahlo a bolea, le moya o tepeletseng.


Ka selemo seo ba tshwenya, ba hatakela bana ba Iseraele hampe; hape ba tshwenya bana ba Iseraele bohle ba leng mose wane wa Jordane, naheng ya Baamore, e leng Gileade, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, ba re: Re o sitetswe, etswe re furaletse Modimo wa rona, re sebeleditse boBaale.


Ha isaisa, bana ba Ammone ba futuhela Baiseraele.


Hohle moo ba neng ba futuhela teng, letsoho la Jehova le ne le ba lwantsha, jwalokaha Jehova a ne a boletse, le jwalokaha Jehova a ne a ba anetse; mme ba eba tsietsing e kgolo.


Bamidiane ba tshwenya Baiseraele haholo, bana ba Iseraele ba ba ba tshabela diqhobong tse dithabeng, le mahaheng, le diforong ke ho tshaba Bamidiane.


Eitse Baiseraele ha ba bona tsietsi eo ba leng ho yona, kahobane setjhaba se tsietswe, ba ipata mahaheng, le merung, le mafikeng, le diqhobong, le mangopeng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan