Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Amose 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka baka leo, jwale, ba tla ya kgolehong, ba beilwe kapele ho bohle ba iswang teng; lerata la ba ikotlolotseng le tla fela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 Kahoo ke lona ba pele ba tla thopuwa, mekete ya lona ya dijo e tla fela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Amose 6:7
17 Iomraidhean Croise  

Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a morena, ha morena a ka dumela ho nnea ka kopo ya ka le ho etsa ka qoso ya ka, ke re, morena a boele a tle le Hamane dijong tseo ke tla ba lokisetsa tsona, mme hosasane ke tla etsa ka polelo ya morena.


Pelo ya ka e ferekane; letsoso le lebe le ntshwere; bosiu ba thabo ya ka bo fetohile bosiu ba tshoho.


Thabo ya meropa e fedile, lerata la bathabi ha le sa le yo, thabo ya harepa e kgutsitse le yona.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Le tla tswa motseng moo lerako le helehileng, e mong le e mong kapele ho yena, le balehe hole le qhobosheane tsa lona: ho itswalo ke Jehova.


Ka baka leo, ke tla le isa kgolehong ho feta Damaseka, ho bolela Jehova, eo lebitso la hae e leng Modimo wa makgotla.


Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.


hobane Amose o itse: Jeroboame o tla shwa ka lerumo, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a tloswe lefatsheng la hae.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


O tla tswala bara le baradi, empa e ke ke ya eba ba hao, hobane ba tla iswa kgolehong.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan